E UTSWITSWE,
HA O KA E REKA ?
HO TLA UTSWETSWA BATHO BA BANG HAPE BA BANGATA
HANA, MME O BE O TLALEHE DINTHO TSE UTSWITSWENG
Ke eng eo WENA o ka e etsang bakeng sa ho tsetela Afrika Borwa e bolokehileng ?? ?Hana, mme o be o Tlalehe Dintho tse Utswitsweng?
Bonokwane bo kenyeletsang thepa ya boshodu, ho tjhwatlwa ha matlo, ho utswa mabenkeleng, ho phamola mekotla kapa diselfounu tsa batho ba bang le ho utswa dikoloi ho ka baka tshotleho le tahlehelo ya tjhelete e sa hlokeheng. Ho reka thepa e fumanweng ka tsela ena e seng molaong ho kgothaletsa dinokwane hore di phete diketso tseo tsa tsona.
SE DUMELLE HORE HO BE LE BATHO BA BANG BA BANGATA BA TLA SOTLEHA
O SE KE wa reka thepa e utswitsweng.
HANA thepa e utswitsweng.
KA MEHLA pata selfounu ya hao ha o tsamaya seterateng.
O SE KE wa tlohela selfounu ya hao e sa hlokomelwa moo ho nang le batho ba bangata.
O SE KE wa tlohela dinotlolo tsa hao di leketla lemating. Ho bonolo hore motho e mong a etse tse ding tseo a tla di sebedisa ho kena ha bonolo sebakeng seo ha morao. Ho kotsi ho tlohela dinotlolo tsa ntlo ka ntle, e ka ba ka tlasa moseme o monyako kapa pitseng ya dipalesa.
Ha o reka dintho tsa boithabiso, kgaola mabokoso a tsona o a lahlele mekotleng ya matlakala eo o tla e bofa ? lebokoso la sesebediswa se itseng le behilweng ka ntle le bontsha dinokwane hore ntho eo di ka e fumana ka tlung ya hao.
O SE KE wa reka thepa ya feshene e rekiswang seterateng. Bahwebi ba tshepahalang ha ba sebetse jwalo.
O SE KE wa reka diphefumo, diaparo kapa disebediswa tse ding tsa boithabiso tse theko e hodimo ka theko e tlase ho tswa bahwebing ba sa tsebahaleng.
O SE KE wa tlohela dinotlolo tsa koloi ya hao eknisheneng, le ha e be ke metsotswana e mmalwa feela.
O SE KE wa tlohela dintho tsa bohlokwa setulong sa koloi. O ka mpa wa di beha ka buthing ya koloi.
FADIMEHA ha o apere mabenyane a theko e hodimo kapa o jere sesebediswa se theko e hodimo.
O SE KE wa kenya walete ya hao ka pokothong e ka morao ya borikgwe ba hao kapa wa tlohela mokotlana wa hao o sa hlokomelwa.
Bohle ha re kwaleng mmaraka wa thepa e utswitsweng. Ke bonokwane hape bo ka fumana kotlo ya molao ? ho tshwana feela le ho amohela thepa e utswitsweng. HANANG LE BE LE TLALEHELE mapolesa ka thepa efe kapa efe eo le belaelang hore e utswitswe. Bohle ha re fediseng lethathama lena la bonokwane, mme re tsetele ho Afrika Borwa e bolokehileng.
HANANG LE BE LE TLALEHE THEPA E UTSWITSWENG! LETSETSA BA THIBELO YA BONOKWANE ? CRIME STOP ? NOMORONG ENA 08600 10111.
